KEREITE YA 12
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo, e leng:
KAROLO YA A: Moqoqo 
KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele 
KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane 
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo e nepahetseng.
Bolelele ba ditema tse hlahiswang e be:
KAROLO YA A: Moqoqo - mantswe a 200 - 250
KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele - mantswe a 80 - 100
KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane mantswe a 60 - 80
KAROLO YA A: MOQOQO
POTSO YA 1
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele ba mantswe a 200 - 250. Ela tsena hloko:
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho hlaola diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko mehato ena.
Matsatsi a phomolo ya dikolo a lokela ho sebediswa ka tsela e tswelang baithuti molemo. Ha se hangata sena se etsahalang. Baithuti ka ho fapana ha bona ba sebedisa matsatsi ana ka ditsela tse fapaneng, ba bang ba etsa tse ba tswelang molemo, ha ba bang bona ba sebedisa nako ena hampe. Ekaba wena matsatsi a phomolo ya dikolo a sa tswa feta o a sebedisitse ka tsela efe? Ngola moqoqo o phete ka moo o ileng wa sebedisa matsatsi a hao a phomolo ka teng. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: 'A ka matsatsi a phomolo ya dikolo ke a jele tjena...'
KAPA
E nngwe ya dithuto tseo o di etsang sekolong ke thuto ya khomphuta. E se e le dilemo tse pedi o etsa thuto ena, empa o se na khomphuta lapeng. Ena ke tshita e kgolo hobane ha o kgone ho tswela pele ho ithuta ha o le lapeng. Kajeno malome wa hao o o reketse khomphuta e ntjhantjha. O thabisitswe haholo ke sena. Ngola moqoqo oo ho wona o hlalosang ka moo o thabileng ka teng. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: 'Malome a tla a nthabisa'.
KAPA
Wena le motswalle wa hao le ile la tloha lapeng le ya moketjaneng wa e mong wa metswalle ya lona. Le ne le tsamaya ka dilifiti hobane sebaka seo le neng le ya ho sona se le hole le mmila oo ditekesi di tsamayang ho wona. Le ile la fumana koloi e ileng ya le palamisa empa eitse ha le tshwanela ho theoha sebakeng seo le neng le ikemiseditse ho theoha ho sona, mokganni wa koloi a a eketsa lebelo. A hana ho emisa, mme a feta ka lona. Ngola moqoqo oo o ka wona o hlalosang se ileng sa etsahala mohla letsatsi leo. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: 'Re pholohile ka lesoba la nale'.
KAPA
Bophelo ba hao bo ne bo le kotsing e tshabehang hampe. O batlile o e shwa ngwana batho hoja wa se ke wa nahana kapele. O thusitswe ke selefounu ya hao. Hoja e se ka yona ho ka be ho buuwa tse ding kajeno. Ngola moqoqo oo ka wona o phetang ka moo selefounu e ileng ya o thusa ka teng. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Ya tla ya nthusa selefounu hoja ke ne ke le bothateng.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE
POTSO YA 2
Kgetha mme o ngole tema e le NNGWE ho tsena tse latelang. Bolelele ba tema e be mantswe a 80 - 100.
Sekolo sa heno se ne se etetse sekolo se seng motseng wa Thekong. Ka nako ya dipapadi ho ile ha tsoha qwaketsano e ileng ya lebisa ntweng e mpe dipakeng tsa baithuti ba dikolo tsena tse pedi. Jwalo ka moetapele wa lekgotla la kemedi ya baithuti, o laetswe ho ngolla mosuwehlooho le batswadi raporoto (tlaleho) ya se etsahetseng mohlang oo. Ngola raporoto e kgutshwane empa e fupereng dintlha tsohle.
KAPA
Sebaka seo le ahileng ho sona se tobane le mathata a ho kgaoha ha motlakase kgafetsa. Ka bomadimabe, lekgotla la motse ha le etse tsebiso ka nako ha le tlo kgaola motlakase, mme sena se ama maphelo a baahi hampe. Ngolla mmasepala wa motse wa heno lengolo o tletlebe, o be o etse ditlhahiso tse itseng tse lebisang tharollong ya bothata bona.
KAPA
Mosuwehlooho sekolong sa heno o nkile qeto ya ho tlohela mosebetsi ho tloha selemong se tlang. O moetapele wa baithuti mme matitjhere a o kopile ho hlophisa puo bakeng sa mokete wa tumediso ya mosuwehlooho. Ngola puo eo o tla e bala mohla letsatsi lena.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE KGUTSHWANE
POTSO YA 3
Kgetha mme o ngole tema e le NNGWE ho tsena tse latelang. Bolelele ba tema e be mantswe a 60 - 80.
Ba koranta ya Daily Sun ba hlahisitse sekgeo sa mosebetsi wa botlelereke. Ho hlokwa bahlankana le barwetsana ba dilemo tse pakeng tsa tse leshome le metso e robedi ho isa ho tse mashome a mabedi a metso e mmedi ba seng ba fetile Kereite ya 12. Bakopi ba mosebetsi ona ba lokela ho romela Tokomane ya Boitsebiso le Diphihlello. Ba ngolle Tokomane ya Boitsebiso le Diphihlello (CV) eo o tla ba romella yona mmoho le lengolo la hao la kopo ya mosebetsi.
KAPA
O e mong wa baithuti bao Lefapha la Bonono le Setso le ba hlwaileng ho ya rutwa le ho rupellwa Sesotho Yunivesithing ya Lesotho motseng wa Roma nako ya kgwedi tse pedi. Hona jwale o ntse o le moo yunivesithing. Ngolla motswalle wa hao posekarete eo ka yona o arolelanang tsa moo le yena.
KAPA
Baithuti ba sekolo sa heno ba fuwa kotlo ya ho kgotha le ho hlwekisa jarete ha ba fihlile lata sekolong kapa ba sa etsa mosebetsi wa bona wa hae. Lekgotla la kemedi ya baithuti (RCL) le hanana le kotlo ena. Nthabiseng, moetapele wa baithuti ke enwa o buisana le mosuwehlooho ka taba ena.
Nthabiseng: Kgotso Ntate.
Mosuwehlooho: Dumela Ausi Nthabiseng.
Nthabiseng: Ntate, ke tlile ho wena tjena hobane ke lakatsa hore re ke re buisane ka kotlo ena eo baithuti ba e nehwang sekolong mona ha ba entse diphoso. Rona re le kemedi ya baithuti ha re dumellane le mohato ona. Re na le mabaka bakeng sa ntlhakemo ena ya rona.
Mosuwehlooho: Mabaka a lona ke afe Nthabiseng? Le hopole hore bana ba lokela ho kgalengwa. Re ke ke ra shebella feela ha dintho di senyeha mona sekolong.
Tswela pele ka puisano ena.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO A PAMPIRI ENA YOHLE:
